Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
Sofonia 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ya tlosa batho le diphoofolo, ke tlose dinonyana tsa lehodimo le dihlapi tsa lewatle, le dikgopiso hammoho le ba bolotsana, ke be ke timeletse batho hodima lefatshe, ho bolela Jehova. BIBELE “Ke tla timetsa batho, ke timetse diphoofolo, ke timetse nonyana tse fofang sepakapakeng, ditlhapi tsa lewatle le tsona ke di timetse. Ke tla fedisa dikgopiso mmoho le ba kgopo, batho bohle lefatsheng le bona ke ba timetse,” ho rialo Morena. |
Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.
Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;
Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.
Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.
Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.
Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.
Hobane ba kile ba ba etsetsa tshebeletso ya ditshwantsho tsa bona, ya eba kgopiso ya bokgopo ho ntlo ya Iseraele; ka baka leo, nkile ka ba emisetsa letsoho la ka, ho bolela Morena Jehova, mme ba tla jara bokgopo ba bona.
Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.
Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna.
Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.
Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.
Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo,
hobane ke re ho lona: Ho qala jwale, ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!
Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.