Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 9:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 9:10
30 Referencias Cruzadas  

Bona, ke tla o etsa selei se setjha, se phophothang, se meno a bohale; o tla pitla dithaba, o di phophothe, maralla o a etse jwaloka mooko.


Haele dithako tsa hao, le naha ya hao e entsweng lesupi, le lefatshe la hao le senyehileng, le tla patisana ke bongata ba baahi; mme ba o jeleng ba tla fallela hole.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka ya morara, ba hataketse tshimo ya ka, tshimo ya ka e ratehang ba e entse lefeella le lebe.


Ba e sentse; e lla pela ka ka baka la tshenyo; lefatshe lohle le senyehile, ke hobane ho se motho ya le elellwang pelong ya hae.


Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.


Le dipitsi di eme marallaneng, di fofonela moya jwaloka diphokojwe, mahlo a tsona a eba, hobane ha ho jwang bo botala.


Ditawana di a mo purumela, di dumisa mantswe a tsona, di fetola lefatshe la hae tshenyeho feela; metse ya hae e tjhesitswe, e hlokile moahi.


Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?


Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.


Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.


O ikute moriri, o o lahle, o hlabe kodiyamalla marallaneng, hobane Jehova o lahlile moloko oo a o halefetseng, o o kgesitse.


Tshediso ya ka bohlokong ba ka ke efe? Pelo ya ka e fela ka ho nna.


Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.


Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.


Thaba ya Sione e senyehile, diphokojwe di itsamaela teng.


Leha ke be nka tlisa dilalome tse bohale lefatsheng lena, tsa timetsa batho ba lona, la tla la senyeha ka baka la dibatana, motho a ba a sitwa ho feta ka lona,


Oho mora motho, o phokolele Tire kodiyamalla, o re ho Tire:


Ha ho sa tla hata teng leoto la motho, ha ho tlhako ya kgomo e tla tsamaya teng, mme ha e ka ke ya ahuwa ka dilemo tse mashome a mane.


Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.


Hohle moo le ahileng teng, metse e tla fetoha dithako, nqalo tse diphahameng e be masupi, hore dialetare tsa lona di tle di tlohelwe, di furallwe; ditshwantsho tsa lona di tla robakwa, di timetswe, ditshiya tsa lona tsa letsatsi di rengwe, mesebetsi yohle ya lona e hlakolwe.


Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Jehova, ke bitsa ho wena, hobane mollo o qetile meraka ya lehwatata, lelakabe le tjhesitse difate tsohle tsa naha.


Utlwang lentswe lena leo ka lona ke le binelang mahlomola, lona ba ntlo ya Iseraele:


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.


Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos