Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ho fihlela Jehova a isa batho hole, mme tshenyeho e eba kgolo lefatsheng lena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 ho fihlela Morena a leleketse bohle hole, naha yona e fetohile nanaola.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 6:12
15 Referencias Cruzadas  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Morena wa Babilona a ba bolaya, a ba timetsa Ribla, naheng ya Hamathe. Bajuda ba tloswa jwalo lefatsheng la bona, ba iswa kgolehong.


Ke tla etsa hore banna ba hlokwe ho fetisa kgauta e ntle, ba hlokwe ho fetisa kgauta e hlwekileng ya Ofire.


O atisitse setjhaba, Jehova, o atisitse setjhaba, o itlotlisitse, o suthisitse meedi yohle ya naha.


Jehova wa makgotla o boletse tsebeng tsa ka, a re: Ruri, matlo ao a mangata a tla fetoha dithako, matlo ao a matle a maholo a hloke ba tla phela teng.


Ke tlohetse ntlo ya ka; ke lahlile lefa la ka; se ratwang ke moya wa ka ke se neetse matsohong a bao e leng dira ho sona.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.


Metse kaofela e ya baleha ka baka la lerata la bapalami le la diphosi tsa diqha, ba ya kena merung e metsho, ba hlwelle mafikeng; metse yohle e tla furallwa, ha ho sa tla ba motho ya ahileng ho yona.


Morena wa Babilona a ba otla, a ba bolaela Ribla, lefatsheng la Hamathe. Juda a falatswa jwalo lefatsheng la hae, a iswa kgolehong.


Na o ka re lebala ka ho sa feleng? Na o ka re hloboha ka ditshiu tse telele na?


Ke ya tlosa batho le diphoofolo, ke tlose dinonyana tsa lehodimo le dihlapi tsa lewatle, le dikgopiso hammoho le ba bolotsana, ke be ke timeletse batho hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


Hobane ha tahlo ya bona e bile poelano ya lefatshe le Modimo, kamohelo ya bona e tla ba eng, haese bophelo bo tswang bafung?


Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos