Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 6:13
25 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.


Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.


E mong le e mong ho ba siilweng Sione, le ba setseng Jerusalema, ba tla bitswa bahalaledi, e leng bohle ba ngodilweng bukeng ya ba phelang Jerusalema;


Empa ke tla le siela masala ao e tla ba ba phonyohileng lerumong hara ditjhaba, tseo le tla beng le qhalanyeditswe dinaheng tsa tsona.


Hobane ho itswe ke Morena Jehova: Motse o neng o ntshetsa ntlo ya Iseraele bahlabani ba sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela, le o neng o e ntshetsa ba lekgolo o tla sala le ba leshome.


Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.


Ke tla siya kahare ho wena setjhaba se kokobetseng, se fokolang, mme ba tla tshepa lebitso la Jehova.


Lefatsheng lohle, ho bolela Jehova, karolo tse pedi tsa batho ba teng di tla kgaolwa, di timele, ya boraro e sa le teng.


Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.


Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.


Le hojane Morena a sa ka a kgutshofatsa matsatsi ao, ekabeba ho ne ho ke ke ha phela motho; empa ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng, o kgutsofaditse matsatsi ao.


bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!


Le tla sala le se bakae, leha pele le ne le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao.


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos