Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba Morena o re: “Batho bao ke ba bopileng ke tla ba fedisa lefatsheng; batho, mmoho le diphoofolo, le dihahabi, le dinonyana tse fofang, hobane ke a itshwabela ha ke ile ka ba etsa.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 6:7
21 Referencias Cruzadas  

Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatsheng, mme pelo ya hae ya eba ntsho.


Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela.


Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.


Ho tshaba Jehova ho atisa ditshiu, empa dilemo tsa moetsadibe di tla kgutsufatswa.


Jehova o etseditse dintho tsohle merero ya tsona; e, esita le e mobe, o etseditswe letsatsi la tlokotsi.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.


Jehova a tela taba eo. E ke ke ya etsahala: ho itsalo Jehova.


Jehova a tela taba eo. E ke ke ya etsahala: ho itsalo Morena Jehova.


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Ke ya tlosa, ke tlosetse ruri tsohle tse hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


Ke ya tlosa batho le diphoofolo, ke tlose dinonyana tsa lehodimo le dihlapi tsa lewatle, le dikgopiso hammoho le ba bolotsana, ke be ke timeletse batho hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.


Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos