Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.
Ruthe 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Naomi a be a re: Bona, ngwaneno o kgutletse tjhabeng sa habo le ho medimo ya habo; sala ngwaneno morao. BIBELE Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.” |
Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.
Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!
A mo arapa, a re: Nke ke ka ya, empa ke tla kgutlela lefatsheng la heso, le ho banabeso.
Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.
Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.
Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.
Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.
Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona.
Ba boela ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. Yaba Orpa o aka matsalae, Ruthe a mpa a mo kgomarela.
Ruthe a re: O se ke wa mphehella hore ke o siye, ke tlohele ho ya le wena; hobane ke tla ya moo o yang, ke dule moo o dulang; tjhaba sa hao ke tjhaba sa ka, mme Modimo wa hao ke Modimo wa ka.