Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 10:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 A mo arapa, a re: Nke ke ka ya, empa ke tla kgutlela lefatsheng la heso, le ho banabeso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 10:30
12 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Abrame: Tloha lefatsheng la heno, le ho mofuta wa hao, le tlung ya ntatao, o ye lefatsheng leo ke tlang ho o bontsha lona.


Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?


Mamela, moradi wa ka, o lemohe, o sekehe ditsebe! Lebala setjhaba sa heno le ntlo ya ntatao!


Moshe a ntoo dumedisana le mohwehadi wa hae, mme eo a boela naheng ya habo.


Empa le reng ka taba ena? Motho o ne a na le bara ba babedi; a ya ho wa pele, a re ho yena: Mora ka, eya, o sebetse kajeno tshimong ya ka ya merara.


Eo a araba, a re: Ke a hana. Empa hamorao, a baka, a ya.


Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.


Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Haele bana ba Mokene, mohwehadi wa Moshe, ba ne ba tlohile motseng wa Dipalema, ba nyolohetse le bana ba Juda feelleng la Juda, le leng ka nqa borwa ho Arade; mme ba tla, ba aha le batho ba teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos