Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 1:15 - BIBELE

15 Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Naomi a be a re: Bona, ngwaneno o kgutletse tjhabeng sa habo le ho medimo ya habo; sala ngwaneno morao.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 1:15
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.


Empa ba kgelohetseng ditseleng, ditseleng tse matswedintsweke, Morena a ke a ba leleke, a ba leleke le ba kgopo. Kgotso e ke e be teng Iseraele.


Mehopolong ya hae o a ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, hoo a sa se hloyeng.


Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena.


Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.”


Ha ba atamela motsaneng oo ba yang ho wona, Jesu a etsa sa mokana a fetela pele.


Ya lokileng o tla phela ka tumelo, empa ha a ka ikgula, ha a sa tla nkgahlisa.”


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.


Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.


Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.


Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena.


Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane “moo o yang teng ke tla ya teng, moo o phelang teng ke tla phela teng; tjhaba sa heno e be tjhaba sa heso, Modimo wa hao e be Modimo wa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos