Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:19
30 Referencias Cruzadas  

Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


O ke o itise ka baka la lona, o mamele lentswe la lona. O se ke wa ikgantshetsa lona, hobane le ke ke la o tshwarela boikgantsho ba hao, etswe lebitso la ka le le ho lona.


hobane ha o na ho kgumamela modimo osele, etswe Jehova a bitswa ya boulelang; ke Modimo o boulelang;


o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona.


Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, le bona baholo ba nyenyefatswe; o ke ke wa ba tshwarela.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!


Hobane Morena Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, o re: Polokeho ya lona e dutse ho sokoloheng, le ho phomoleng; le tla fihlela matla boitulelong le tshepong; empa le hanne.


Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Le ikgalaletse ke hona, le be le kgethehe, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Jehova ke Modimo o boulelang, o phetetsang; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o iphetetsa ho ba mo lwantshang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng dira ho yena.


Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona.


A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!


Naomi a be a re: Bona, ngwaneno o kgutletse tjhabeng sa habo le ho medimo ya habo; sala ngwaneno morao.


Ke kahoo ke anetseng ntlo ya Eli, ka re: Bokgopo ba ntlo ya Eli ha bo ka ke ba hlatsuwa ka mahlabelo, leha e le ka nyehelo, le ka mohla o le mong.


Ebile banna ba Behte-Shemeshe ba re: Ho ka ema mang pela Jehova, Modimo oo o halalelang? Areka e tla ya ho mang, ha e tloha ho rona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos