Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:19 - BIBELE

19 Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:19
30 Referencias Cruzadas  

Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


Ho bokwe lebitso la hao le leholo, le a tshabeha, le a halalela.


Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela.


Phafang Morena Modimo wa rona, le mo kgumamele thabeng, thabeng ya hae e halalelang; hobane Morena Modimo wa rona, o a halalela.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka.


“O se ke wa kgumamela modimo osele, hobane Morena, eo lebitso la hae e leng Sebouledi, ke Modimo ya boulelang.


ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.”


Batho bohle ba tla obama, banna bohle ba ikokobetse, o se ke wa ba tshwarela, Morena.


Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.


Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!”


Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo.


Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela.


Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.


“Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: ‘Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela.


“ ‘Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.


“ ‘Le ikgalaletse, mme le tla halalela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae.


Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka?


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.”


Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”


Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.”


Ka baka leo, ke hlapanyeditse ntlo ya Eli hore bokgopo ba ntlo ena ya hae bo ke ke ba lefellwa ka sehlabelo kapa nyehelo kamehla yohle.”


Jwale banna ba Bete-Shemeshe ba re: “Ke mang ya ka emang kapele ho Morena, Modimo eo ya halalelang? Areka ee re tla e isa ho mang, hore e tlohe pela rona?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos