Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.
Numere 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) O nke Balevi hara bana ba Iseraele, o ba hlwekise. BIBELE “Ntsha Balevi kahara bana ba Iseraele, o ba hlwekise. |
Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.
Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!
Moprista ya etsang hlatsuo, o tla hlahisa motho ya itlhatswang le dintho tseo pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.
O tla dula, a ntse a qhibidisa, a hlwekisa silefera; o tla hlwekisa bara ba Levi, a ba tsheke jwaloka kgauta le jwaloka silefera, mme ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.
Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.
Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.
Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.