Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.”
Moprista ya etsang tshebeletso ya tlhwekiso o tla emisa motho eo ya hlwekiswang, mmoho le dinyehelo tsena tsohle, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena.
O tla dula fatshe jwaloka ya tshekang, a hlwekisa silefera. O tla hlwekisa Balevi, a ba tsheke jwaloka kgauta le silefera, ba tle ba tlisetse Morena dinyehelo tse lokelang.
Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.
Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.