Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A re ho setjhaba: Itokisetseng letsatsi la boraro, mme le se ke la atamela basadi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:15
16 Referencias Cruzadas  

a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


Yaba Moshe o theoha thabeng, a ya ho setjhaba; a hlwekisa setjhaba, mme ba hlatswa diaparo tsa bona.


Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.


Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!


Ekare ha mosadi a kopana jwalo le monna, ba tla itlhatswa metsing ba babedi, ba be sesila ho isa mantsiboya.


Ka baka leo, o tla bona seo ke tla se etsa ho wena, Iseraele! — Erekaha ke tla o etsa hoo, o itokisetse ho kgahlana le Modimo wa hao, Iseraele!


koloing ya boraro, e le pere tse tsweu; koloing ya bone, e le pere tse phatswa, tse matla.


ho botsa baprista ba ntlo ya Jehova wa makgotla le baporofeta, ho re: A ke sa tla lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha ke entse ka lemo tseo tse kalo na?


Empa ke mang ya ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ya ka emang ho hlaheng ha hae? Hobane o jwaloka mollo wa moqhibidisi, le jwaloka sesepa sa bahlatswi.


Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos