Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:16
31 Referencias Cruzadas  

A namisa lehodimo, a theoha; lefifi le letenya le ne le le tlasa maoto a hae.


baprista ba ba ba sitwa le ho ema tshebetsong ya bona ka baka la leru; hobane ntlo ya Modimo e ne e tletse kganya ya Jehova.


Ke mang ya entseng masobana a hasang dipula, le tsela ya lehadima le dumang;


o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.


diaduma tsa hao tsa duma hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe; lefatshe la tshoha, la reketla.


Mamela, setjhaba sa ka, ke o pakele! Iseraele, hola wa rata ho nkutlwa!


Mahadima a hae a kganyetsa lefatshe; lefatshe le a a bona, le a thothomela.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


A re ho setjhaba: Itokisetseng letsatsi la boraro, mme le se ke la atamela basadi.


Yaba Moshe o ntsha setjhaba diahelong ho tla kgahlanyetsa Modimo, mme ba ema katlasa thaba, fatshe.


Moshe a busetsa karabo ya setjhaba ho Jehova.


Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.


Setjhaba sa nna sa ema hole jwalo, Moshe yena a atamela pela leru le letenya moo Modimo o leng teng.


Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.


Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.


O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.


Nna, mohlang oo, ke ne ke eme mahareng a Jehova le lona ke tle ke le phetele lentswe la Jehova; hobane le ne le tshaba mollo; mme ha le a ka la hlwa thabeng. Jehova a re:


Mme ka baka la ho tshabeha ha se bonahalang, Moshe le yena o kile a re: Ke tshohile hampe, ke a thothomela.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo.


Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.


Mme lengeloi la nka pitsa ya ho tjhesa dibano, mme la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e akgela lefatsheng; ha ba ha hlaha mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos