Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Moshe o ntsha setjhaba diahelong ho tla kgahlanyetsa Modimo, mme ba ema katlasa thaba, fatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Yaba Moshe o se ntsha diahelong ho kgahlanyetsa Modimo; sa emisa tlasa thaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:17
8 Referencias Cruzadas  

Ho se be motho ya e amang ka letsoho, a mpe a tlepetswe ka majwe, mohlomong a bolawe ka metsu; kapa e leng phoofolo, kapa e leng motho a ke ke a phela. Etlare ha terompeta e lla, ba tle ba tle thabeng.


Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Yaba ba tlisa monyako wa tente ya pokano tseo Moshe a di laetseng; phutheho kaofela ya atamela, ya ema pela Jehova.


Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.


Letsatsing leo o neng o itlhahise Horebe pela Jehova, Modimo wa hao, Jehova o ne a itse ho nna: Mphuthele setjhaba, ke tle ke se utlwise mantswe a ka, hore ba tle ba ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha bona lefatsheng, mme ba rute bana ba bona.


La atamela, mme la ema tlasa thaba, mme thaba e ne e tuka ke mollo o fihlang lehodimong; ho ne ho le lefifi, le maru, le botsho.


Nna, mohlang oo, ke ne ke eme mahareng a Jehova le lona ke tle ke le phetele lentswe la Jehova; hobane le ne le tshaba mollo; mme ha le a ka la hlwa thabeng. Jehova a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos