a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.
Jehova a re ho Moshe: Bona, ke tla tla ho wena, lerung le letenya, hore setjhaba se tle se utlwe ha ke bua le wena, se be se o dumele kamehla. Moshe a tsebisa Jehova mantswe a setjhaba.
Ho se be motho ya e amang ka letsoho, a mpe a tlepetswe ka majwe, mohlomong a bolawe ka metsu; kapa e leng phoofolo, kapa e leng motho a ke ke a phela. Etlare ha terompeta e lla, ba tle ba tle thabeng.
dintho tsohle tse ka hlolang mollo, le tla di kenya mollong, hore di hlwekiswe; leha ho le jwalo, di tla hlatsuwa le ka metsi a hlatsuo. Tsohle tse ka sitwang ho hlola mollo, le tla di tsobunya metsing.
Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng.