Numere 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bua le Aarone, o re ho yena: Etlere ha o bea dilampi, o di lokise ka mokgwa wa hore dilampi tse supileng di hlahisetse lesedi la tsona kapele ho kandelare. BIBELE “Bua le Arone, o re ho yena: ‘Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana.’ ” |
O tle o e etsetse dilampi tse supileng; mme dilampi tseo tse supileng di ke di bewe ka mokgwa wa hore di bonesetse ka nqa kapele.
Ha etswa dilampi tsa yona tse supileng, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa melora tsa kgauta e hlwekileng.
le kandelare ya kgauta e hlwekileng ka dilampi tsa yona, e leng dilampi tse lokiseditsweng yona, le mesebetsi yohle ya yona le ole ya ho bonesa;
Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.
O tla lokisa dilampi kandelareng ya kgauta e tshekilweng, hore di nne di tuke kamehla pela Jehova.
Aarone a etsa jwalo; a bea dilampi tseo kapele ho kandelare, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng.
Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;
Yaba ke reteleha ho bona eo lentswe la hae le buang le nna. Eitse hobane ke retelehe, ka bona dikandelare tsa kgauta tse supileng;
sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.
Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.