Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:2 - BIBELE

2 “Bua le Arone, o re ho yena: ‘Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bua le Aarone, o re ho yena: Etlere ha o bea dilampi, o di lokise ka mokgwa wa hore dilampi tse supileng di hlahisetse lesedi la tsona kapele ho kandelare.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:2
19 Referencias Cruzadas  

Lentswe la hao ke lebone maotong a ka, ke lesedi tseleng ya ka.


Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa, ba hlokang mano e ba nea kutlwisiso.


“O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona.


A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.


le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone a sona a se a beilwe hantle; le tsohle tsa sona, le ole ya ho bonesa.


A bea mabone kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Arone o tla bea mabone hodima sedulwana sa wona sa kgauta e hlwekileng, hore a tuke kamehla, kapele ho Morena.”


Morena a bua ho Moshe, a re:


Arone a etsa jwalo, a hotetsa mabone hore a bonese kapele ho sedulwana, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


“Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha;


Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.


Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.


Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.


Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”


Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos