O etse kandelare ya kgauta e hlwekileng: kandelare e etswe ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e be ntho e le nngwe le yona.
Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.
Bua le Aarone, o re ho yena: Etlere ha o bea dilampi, o di lokise ka mokgwa wa hore dilampi tse supileng di hlahisetse lesedi la tsona kapele ho kandelare.
Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.