Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 37:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ha etswa dilampi tsa yona tse supileng, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa melora tsa kgauta e hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 37:23
11 Referencias Cruzadas  

O tle o e etsetse dilampi tse supileng; mme dilampi tseo tse supileng di ke di bewe ka mokgwa wa hore di bonesetse ka nqa kapele.


Matlawana a yona le dipitsana tsa yona tsa molora di ke di etswe ka kgauta e hlwekileng.


Dinoko le makala e ne e le ntho e le nngwe le yona, mme yona e le ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e teilweng.


Hammoho le mesebetsi yohle ya yona, ya etswa ka talenta ya kgauta e hlwekileng.


La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;


Bua le Aarone, o re ho yena: Etlere ha o bea dilampi, o di lokise ka mokgwa wa hore dilampi tse supileng di hlahisetse lesedi la tsona kapele ho kandelare.


Yaba ke reteleha ho bona eo lentswe la hae le buang le nna. Eitse hobane ke retelehe, ka bona dikandelare tsa kgauta tse supileng;


sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.


Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos