Numere 4:49 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ngolwa ke Moshe, ka taelo ya Jehova, e mong le e mong ka tshebetso ya hae, e mong le e mong ka phahlo ya hae; ba ngolwa kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng. BIBELE Moshe a abela e mong le e mong mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, ho ya ka taelo ya Morena, mme ba balwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. |
Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng; ba fela ba etsa jwalo.
Empa Balevi ha ba ka ba ngollwa hara bana ba Iseraele, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
Moshe a nea Aarone le bara ba hae tjhelete eo ya topollo, a ba nea yona ka taelo ya Jehova, le kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng.
Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.
Tshebetso ya ba matlo ya Bagershone ke ena, seo ba tla se sebetsa, le seo ba tla se jara:
Ke tsena tseo ba tlang ho di jara le ho di baballa, e leng tsa tshebetso ya bona tenteng ya pokano: Dipolanka tsohle tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa tsona;
le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.
Ke bao ba ngodilweng ba matlo a Bakehathe bohle, ba sebetsang ka tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe.
Ke bona bao ba ngodilweng ba matlo a bara ba Gershone, bohle ba sebetsang tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova.
Ke bona bao ba ngodilweng ba matlo a bara ba Merari, bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe.