Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 le ditshiya tsa seotlwana tse se potapotileng, le ditshehetso tsa tsona, le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dijana tsohle tsa tsona. O tla abela e mong le e mong dintho tsohle tseo a tla sebetsa ka tsona, mme a di jare.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:32
12 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba ne ba kgethetswe ho baballa mesebetsi le diphahlo tsohle tsa sehalalelo, le lefi la phofo, le veine, le ole, le dibano, le dinoko.


Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.


O tla etsa le lebala la tabernakele, ka nqa borwa lebala le tle le etsetswe masela a lepeletseng a line e ntle e lohilweng; a be bolelele ba tswe tse lekgolo ka lehlakoreng le leng;


didulwana tsa ditshiya tsa etswa ka koporo; dipekere tsa ditshiya le dithupa tsa tsona ka silefera; dihlooho tsa tsona tsa manehwa ka silefera; mme ditshiya tsohle tsa lebala tsa kgabiswa ka dithupa tsa silefera.


Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.


Bara ba Merari ba ne ba beilwe ho boloka dipolanka tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le dilulwana tsa yona, le mesebetsi yohle ya yona;


Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.


Ke tsena tseo ba tlang ho di jara le ho di baballa, e leng tsa tshebetso ya bona tenteng ya pokano: Dipolanka tsohle tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa tsona;


Ke yona tshebetso ya bara ba matlo a Bamerari, e leng tshebetso ya bona tenteng ya pokano, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


Ba ngolwa ke Moshe, ka taelo ya Jehova, e mong le e mong ka tshebetso ya hae, e mong le e mong ka phahlo ya hae; ba ngolwa kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Ka letsatsi leo Moshe a qetang ho emisa tabernakele, a e tlotsa, a e halaletsa le mesebetsi yohle ya yona, le aletare, le mesebetsi yohle ya yona; a di tlotsa, mme a di kgetha.


a nea bara ba Merari, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mane le dipholo tse robileng meno e le mmedi; ba ne ba le pusong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos