Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ke yona tshebetso ya bara ba matlo a Bamerari, e leng tshebetso ya bona tenteng ya pokano, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Ona he, ke mosebetsi wohle wa malapa a bara ba Merari, ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:33
7 Referencias Cruzadas  

Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.


Motho o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntatae, a re ho yena: O na le kobo, tloo, o be morena wa rona, tshenyeho ena e bonwe ke wena.


Ke yona tshebetso ya matlo a bara ba Bagershone, tenteng ya pokano, le tseo ba tlang ho di boloka, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.


Moshe, le Aarone, le marena a phutheho, ba ngola bara ba Kehathe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,


a nea bara ba Merari, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mane le dipholo tse robileng meno e le mmedi; ba ne ba le pusong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


Joshua a bolella le baprista, a re: Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele. Ebile ba jara areka ya selekane, ba etella setjhaba pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos