Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:32 - BIBELE

32 le ditshiya tsa seotlwana tse se potapotileng, le ditshehetso tsa tsona, le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dijana tsohle tsa tsona. O tla abela e mong le e mong dintho tsohle tseo a tla sebetsa ka tsona, mme a di jare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:32
12 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba ne ba hlokomela dintho tsohle tsa Sehalalelo, le phofo e thumisehileng, le veine, le ole, le mokubetso, le dinoko.


Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”


“O tla etsetsa leaho leo seotlwana. Ka lehlakoreng le leng, le ka nqeng ya borwa, seotlwana se tla ba le masela a lepeletseng, a lene, a loehileng, a bolelele ba dimethara tse mashome a mane a metso e mene.


Ditshehetso tsa ditshiya di ne di entswe ka lethose, dihokelo tsa ditshiya, le dithupa tsa tsona, di ne di entswe ka silefera. Dihlooho tsa tsona di ne di manehilwe silefera, mme ditshiya tsohle tsa seotlwana di ne di hokahantswe ka dithupa tse entsweng ka silefera.


Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone.


Bara ba Merari bona ba ne ba hlokomela ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona, le dijana tsohle, le ditshebeletso tsa yona;


Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.


Tsena ke tseo ba tla di jara, ha ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena: ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le mefeng ya yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona,


Ona he, ke mosebetsi wohle wa malapa a bara ba Merari, ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.”


Moshe a abela e mong le e mong mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, ho ya ka taelo ya Morena, mme ba balwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa.


Makoloi a mane le dipholo tse robedi a di abela bara ba Merari, ho ya ka mosebetsi wa bona. Ba ne ba laolwa ke Itamare, mora wa moprista Arone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos