Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,
le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.
Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.
le mpe le ba etsetse hona, ba tle ba phele, mme ba se ke ba eshwa, ha ba tshoba ba atamela sehalaledisiso: Aarone le bara ba hae ba ke ba kene, ba ba laele e mong le e mong mosebetsi wa hae le phahlo ya hae,
O ba ngole ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.
Tshebetso yohle ya bara ba Bagershone e tla etswa ka taelo ya Aarone le bara ba hae, leha ba jara, leha ba sebetsa. Le tla e bea paballong ya bona, hore ba boloke tsohle tseo ba tlang ho di jara.
Ba ngolwa ke Moshe, ka taelo ya Jehova, e mong le e mong ka tshebetso ya hae, e mong le e mong ka phahlo ya hae; ba ngolwa kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.