Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 O ba ngole ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a bahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:23
18 Referencias Cruzadas  

Ke bona bara ba Levi ka matlo a bontata bona; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, kamoo ba kileng ba ngolwa kateng, ha ho balwa mabitso a bona ka ho ya ka dihlooho. Ba ne ba etsa mosebetsi wa tshebetso ya ntlo ya Jehova, ba qala ha ba le dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele;


Ke e nngwe ya taba tseo Davida a qeteletseng ka tsona, ha ho kile ha etswa palo ya bara ba Levi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele.


Balevi ba balwa ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mararo le ba kapele; ha ba balwa ka dihlooho, ha fumanwa batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.


A ho ke ho balwe bara ba Gershone, ba ngolwe ka matlo a bontata bona le ka matlo a bona.


Tshebetso ya ba matlo ya Bagershone ke ena, seo ba tla se sebetsa, le seo ba tla se jara:


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.


ha a le dilemo tse mashome a mahlano o tla tswa tshebetsong, mme a ke ke a hlola a e etsa.


Ke mang ya yang ntweng ka mefaho ya hae? Ke mang ya hlomang morara, mme a sa je dijo tsa wona na? Ke mang ya disang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape na?


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;


Hobane nama e na le ditakatso tse lwantshang Moya, mme le wona Moya o na le ditakatso tse lwantshang nama; mme ntho tseo di emellane ho lwantshana, hore le tle le se ke la etsa tseo le di ratang.


Mme bao e leng ba Kreste, ba thakgisitse nama, le dithato, le ditakatso tsa yona.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos