Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena;
“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.
Hore ba tle ba phele, ba se ke ba eshwa, ere ha ba atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa le ba etse tjena: Arone le bara ba hae ba kene ka Sehalalelong, ba abele e mong le e mong wa bona mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara,
ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a bahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.
Ba tla jara masira a Tente ya Morena, le Tente ka boyona, le masela a e kwahetseng; hammoho le letlalo la qibi le e kwahetseng kahodimo; le lesira la monyako wa seotlwana sa Tente ya Morena;
Tshebeletso ya bara ba Gereshone e tla ba tlasa taolo ya Arone le bara ba hae, e leng tsohle tseo ba tla di jara, le tsohle tseo ba tla di sebetsa. O tla abela e mong le e mong mosebetsi wa ho jara oo a tla o etsa.
ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba etsa mosebetsi, ba jara dintho tse ka Tenteng ya Morena.