Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:49 - BIBELE

49 Moshe a abela e mong le e mong mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, ho ya ka taelo ya Morena, mme ba balwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Ba ngolwa ke Moshe, ka taelo ya Jehova, e mong le e mong ka tshebetso ya hae, e mong le e mong ka phahlo ya hae; ba ngolwa kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:49
18 Referencias Cruzadas  

Empa ha e le Balevi bona ha ba a ka ba balellwa le ba merabe e meng.


Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Empa ha e le Balevi ha ba a ka ba balellwa le bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Yaba Moshe o nea Arone le bara ba hae tjhelete ena ya topollo, ho ya ka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a laetse Moshe.


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


Morena a bua ho Moshe, a re:


“Ona ke mosebetsi wa malapa a Gereshone: ho sebeletsa le ho jara.


Tsena ke tseo ba tla di jara, ha ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena: ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le mefeng ya yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona,


le ditshiya tsa seotlwana tse se potapotileng, le ditshehetso tsa tsona, le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dijana tsohle tsa tsona. O tla abela e mong le e mong dintho tsohle tseo a tla sebetsa ka tsona, mme a di jare.


Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Kohate, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.


Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Gereshone, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo ya Morena.


Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Merari, ba badilweng ke bo-Moshe, le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos