Numere 25:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Iseraele a kgomarela Baale-Peore; mme bohale ba Jehova ba tukela Iseraele. BIBELE Baiseraele ba kgumamela Baale-Peore, mme kgalefo ya Modimo ya ba tlokomela. |
Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.
Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.
Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.
Yaba Moshe o re ho baahlodi ba Iseraele: E mong le e mong wa lona a bolaye batho ba habo ba kgomaretseng Baale-Peore.
Na bokgopo ba Peore e bile ntho e nyenyane ho rona, boo re esong ho hlatswe ditshila tsa bona ho rona, leha lefu le ile la wela phutheho ya Modimo,
Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.
Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,