Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:3 - BIBELE

3 Baiseraele ba kgumamela Baale-Peore, mme kgalefo ya Modimo ya ba tlokomela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Iseraele a kgomarela Baale-Peore; mme bohale ba Jehova ba tukela Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:3
13 Referencias Cruzadas  

Ke mang ya ka tsebang matla a bohale ba hao, le ho tshabeha ha kgalefo ya hao?


Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.”


“Baradi ba lona nke ke ka ba otlela bootswa, le dingwetsi tsa lona ha di etsa bofebe, hobane banna bona ba matha le diotswa, ba nyehela ka mahlabelo ba ena le matekatse, tjhaba se hlokang kutlwisiso se tla timela!


“Ha ke ne ke qala ho fumana Iseraele, o ne a ka morara o metseng hara lehwatata; ha ke qala ho bona baholoholo ba lona, ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya. Empa hoba ba fihle Baale-Peore, ba ineella modingwana o hlabisang dihlong, ba nyonyeha sa manyala ao ba a ratang!


Moshe a re ho baahlodi ba Iseraele: “E mong le e mong wa lona a bolaye banna ba habo, ba ileng ba sebeletsa Baale-Peore.”


Bonang, ke bona ba entseng hore bana ba Iseraele, ka keletso ya Bileame, ba sitelwe Morena, ka taba yane ya Peore, mme sewa sa wela setjhaba sa Morena hodimo.


Ebe le bona bokgopo bo entsweng ha re le Peore, boo le kajeno re eso itlose sesila sa bona, bo sa lekana, leha setjhaba sa Morena se ne se welwe ke sewa,


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale.


Ba furalla Morena, ba sebeletsa bo-Baale le Asetarote.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos