Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:2 - BIBELE

2 Baradi bana ba memela Baiseraele mahlabelong ao ba neng ba nyehella medimo eo ya bona ka wona. Setjhaba sa eja, sa kgumama kapele ho medimo eo ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ba biletsa setjhaba mahlabelong a medimo ya bona; setjhaba sa eja, mme sa kgumamela medimo ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:2
19 Referencias Cruzadas  

Empa ke tla siya ba dikete tse supileng naheng ya Iseraele, e leng bohle ba sa kang ba kgumamela Baale, le bohle ba sa kang ba mo aka.”


Ba kgomarela Baale wa Peore, ba eja mahlabelo a etseditsweng bafu.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


“Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa.


O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.


Ka la hosasane ba tsoha ka madungwadungwana, ba nyehela ka mahlabelo a setjheso, ba tlisa le mahlabelo a teboho; setjhaba sa dula fatshe, sa eja, sa enwa; yaba se a ema, se a bapala.


Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona,


“Ha ke ne ke qala ho fumana Iseraele, o ne a ka morara o metseng hara lehwatata; ha ke qala ho bona baholoholo ba lona, ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya. Empa hoba ba fihle Baale-Peore, ba ineella modingwana o hlabisang dihlong, ba nyonyeha sa manyala ao ba a ratang!


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Tjhe, ke bolela hore tseo ba di hlabelang medimo ya bohata ba di hlabela bademona, e seng Modimo. Ha ke lakatse ha le ka ikopanya le bademona.


medimo e jeleng mafura a mahlabelo a lona, e nweleng veine ya dinyehelo tsa lona? Medimo eo a e tsohe e le thusetse, medimo ya lona e le sireletse.


Ebe le bona bokgopo bo entsweng ha re le Peore, boo le kajeno re eso itlose sesila sa bona, bo sa lekana, leha setjhaba sa Morena se ne se welwe ke sewa,


Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”


Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.


“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos