Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Baradi ba lona nke ke ka ba otlela bootswa, le dingwetsi tsa lona ha di etsa bofebe, hobane banna bona ba matha le diotswa, ba nyehela ka mahlabelo ba ena le matekatse, tjhaba se hlokang kutlwisiso se tla timela!

Ver Capítulo Copiar




Hosea 4:14
23 Referencias Cruzadas  

A leleka Basodoma naheng, a tlosa ditshwantsho tsohle tse entsweng ke bontatae.


A qhaqha le matlo a Basodoma a ka tlung ya Jehova, moo basadi ba neng ba lohela Ashtarothe masela a ditente.


Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.


Le ya nne le otlwe ho isa kae, haele moo le ntse le eketsa ho ikgantsha? Hlooho yohle e bohloko, pelo yohle e a kula.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Dintja tseo di meharo, ha di kgore; ke badisa ba se nang kelello, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, o latela tseo e leng tsa hae, ho qala ka wa pele ho isa ho wa ho qetella.


Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba sweufale, ba lekwe; ba babe ba ya nne ba etse hampe, mme ha ho moetsadibe ya tlang ho utlwisisa, empa ba hlalefileng ba tla utlwisisa.


Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Efraime o kgomaretse ditshwantsho; mo tlohele!


Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.


ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.


Iseraele a kgomarela Baale-Peore; mme bohale ba Jehova ba tukela Iseraele.


Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.


ha ho ya nang le kutlwisiso, ha ho ya batlang Modimo;


Ana ha le tsebe hobane ya ikopanyang le seotswa, o iketsa mmele o le mong le sona na? Hobane ho itswe: Ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela.


bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.


Ha le ke ke la lauwa, e leng hoo bohle ba nang le kabelo teng, ke ha le mpa le le bana ba bonyatsi, e seng bara ba sebele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos