Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 25:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Morena a re ho Moshe: “Nka baetapele bohle ba setjhaba, o ba fanyehe kapele ho Morena, motsheare, tsatsi le itse nte! Kgalefo ya Morena e tlokomang e tle e faposwe Baiseraele.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 25:4
21 Referencias Cruzadas  

a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.


ba halefisa Modimo ka diketso tse mpe tsa bona, ho fihlela lefu le befileng le kena hara bona.


Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.


Ho tseba mang? Mohlomong Modimo o tla re utlwa, o kgutle, o kgutle bohaleng ba kgalefo ya wona, re se ke ra timela.


Finease, mora Eleasare, mora wa moprista Aarone, o kgelositse bohale ba ka hodima bana ba Iseraele, kahobane a mpouletse hara bona; ke ka baka leo ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele poulelong ya ka.


hobane le bona ba le entse jwaloka dira ka ho le qeka ka mano tabeng ya Peore le tabeng ya Kosbi, moradi wa morena e mong wa Midiane, le kgaitsedi ya bona, ya bolailweng ka tsatsi la sewa se kileng sa hlaha ka taba ya Peore.


Baiseraele bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ho ke ke ha hlola ho etswa bobe bo bokalo ha eno.


Batho ba bolotsana ba tswile ho wena, mme ba kgelositse ba ahileng motseng wa bona, ka ho re: A re yeng, re sebeletse medimo esele eo le sa e tsebeng;


teng o bolaye ruri ba ahileng motseng oo ka bohale ba lerumo, mme o o neele anathema, le dintho tsohle tse ho wona; esita le dikgomo tsa teng di bolawe ka bohale ba lerumo.


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


Etlere ha motho a entse sebe se lokelwang ke lefu, mme a bolawa, wa mo fanyeha sefateng,


setopo sa hae se se ke sa sala sefateng bosiu bohle, o mpe o se epele ka lona letsatsi leo; hobane ya fanyehilweng o rohakilwe ke Modimo, mme ha o na ho silafatsa lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua.


Mahlo a lona a bone seo Jehova a se entseng ka baka la Baale-Peore, kamoo Jehova, Modimo wa hao, a timeditseng hara lona bohle ba neng ba latetse Baale-Peore kateng.


Na bokgopo ba Peore e bile ntho e nyenyane ho rona, boo re esong ho hlatswe ditshila tsa bona ho rona, leha lefu le ile la wela phutheho ya Modimo,


a bitsa Baiseraele bohle, e le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona, a re ho bona: Ke tsofetse, ke hodile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos