Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 31:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 sewa sa ba sa wela hodima phutheho ya Jehova?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Bonang, ke bona ba entseng hore bana ba Iseraele, ka keletso ya Bileame, ba sitelwe Morena, ka taba yane ya Peore, mme sewa sa wela setjhaba sa Morena hodimo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:16
11 Referencias Cruzadas  

Hobane seraburabu ke lemena le tebileng, mme mosadi wa seotswa ke mokoti o patisaneng.


Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.


Jwale, ke ikela ho ba heso; tlo o he, ke o bolelle seo setjhaba sena se tla se etsa ho setjhaba sa hao mehleng e tlang.


hobane le bona ba le entse jwaloka dira ka ho le qeka ka mano tabeng ya Peore le tabeng ya Kosbi, moradi wa morena e mong wa Midiane, le kgaitsedi ya bona, ya bolailweng ka tsatsi la sewa se kileng sa hlaha ka taba ya Peore.


Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.


Mahlo a lona a bone seo Jehova a se entseng ka baka la Baale-Peore, kamoo Jehova, Modimo wa hao, a timeditseng hara lona bohle ba neng ba latetse Baale-Peore kateng.


Na bokgopo ba Peore e bile ntho e nyenyane ho rona, boo re esong ho hlatswe ditshila tsa bona ho rona, leha lefu le ile la wela phutheho ya Modimo,


Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos