Numere 24:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae. BIBELE Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela, |
Elwa ke mang ya hlahang jwaloka mafube, e motle jwaloka kgwedi, ya hlwekileng jwaloka letsatsi, ya tshabehang jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona?
Thatohatsi ya ka, o motle jwaloka Thirtsa, o lakatseha jwaloka Jerusalema; le teng o tshabeha jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona.
Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.
Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?
Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.
Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:
Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.
Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.
Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.
A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama.