Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ditente tsa hao di ntle hakakang, Jakobo! Le meaho ya hao, Iseraele!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Ditente tsa hao, Jakobo, di kgahleha hakaakang! Diahelo tsa hao, Iseraele, di ntle hakaakang!

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:5
13 Referencias Cruzadas  

kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso.


Moya wa ka o a idibana, o sisetsa mabala a ntlo ya Jehova; pelo le nama ya ka di howeletsa ho Modimo o phelang!


Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.


Thatohatsi ya ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekodi ho wena.


Thatohatsi ya ka, o motle jwaloka Thirtsa, o lakatseha jwaloka Jerusalema; le teng o tshabeha jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona.


Ka matsatsi a supileng, le tla hlola metlotlwaneng; bohle ba tswaletsweng naheng ya Iseraele ba tla hlola metlotlwaneng,


Tlung ya motho ya etsang jwalo, Jehova o tla kgaola ditenteng tsa Jakobo ya fadimehang, le ya arabang, le ya hlahisang sehlabelo ho Jehova wa makgotla.


Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng. Ba ne ba emisa jwalo mabapa le difolaga tsa bona, mme ba ne ba tloha jwalo, e mong le e mong ka ntlo ya hae le ka ntlo ya bontatae.


Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.


la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:


Di alehile jwaloka mohlaka, jwaloka ma simo seoding sa noka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Jehova, jwaloka dikedare pela metsi!


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


Ka mpa ka hana ho utlwa Balaame; yaba o a le hlohonolofatsa; ka le namolela jwalo matsohong a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos