Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Di alehile jwaloka mohlaka, jwaloka ma simo seoding sa noka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Jehova, jwaloka dikedare pela metsi!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Di nametse hole jwaloka dikgohlo, jwaloka masimo mabopong a dinoka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Morena, jwaloka fate tsa dikedare pela metsi!

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:6
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


Difate tsa Jehova di kgotshe, e leng dikedare tsa Lebanone tseo a di hlomileng,


Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.


Ke theohetse serapeng sa difate tsa diperekisi, ho lekola botala bo botjha ba phula, ho bona merara ha e se e fina masihla, le kharanata ha e se e thunya.


Ke tla medisa kedare naheng e tshehla, le leoka, le mirte, le mohlwaare; ke hlome kiprese naheng e omeletseng, e mele hammoho le pine le fire;


Jehova o tla o tsamaisa kamehla; o tla kgodisa moya wa hao mohla manyora, a nontshe masapo a hao; o tla ba jwaloka serapa se nosetswang, le jwaloka sediba seo metsi a sona a sa psheng.


Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.


Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.


Mohlang oo, dithaba di tla kolla veine e ntjha, marallana a phalle lebese, melapo yohle ya Juda e tla nne e be le metsi a mathang; mme sediba se tla tswa tlung ya Jehova, se nosetse lehwatata la Sittime.


Ditente tsa hao di ntle hakakang, Jakobo! Le meaho ya hao, Iseraele!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos