Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 A tloha moo, a ya Naiote e Rama. Yaba Moya wa Morena o theohela le hodima Saule, a tsamaya a ntse a porofeta, a ba a ya fihla Naiote e Rama.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:23
14 Referencias Cruzadas  

Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


Jehova a kenya mantswe molomong wa Balaame, a re ho yena: Kgutlela ho Balake, mme o mmolelle hore hoitseng.


Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.


Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?


O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba,


Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.


E mong wa teng a araba, a re: Homme ntata bona ke mang? Ha ho le jwalo, taba ena ya eba maele, ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?


Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe.


Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.


Le yena Saule a tla Rama; ha a fihla sedibeng se seholo se Seku, a botsa, a re: Na Samuele le Davida ba hokae na? A bolellwa, ha thwe: Ke bane Najothe, haufi le Rama.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos