Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ka ba moyeng ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa ka mora ka lentswe le leholo, le kang la terompeta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka ba moyeng ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa ka mora ka lentswe le leholo, le kang la terompeta.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 1:10
13 Referencias Cruzadas  

Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.


A re ho bona: Ha ho le jwalo, na Davida ha a bolediswa ke Moya, o mmitsetsang morena wa hae, ha a re:


Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!


Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!


Ka la pele la veke, eitse ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse ha a tla tsamaya hosasane, a buisana le bona, a isa halelele, ya ba ya eba bosiu bo boholo.


Ke moo ke le tsebisang hoba ha ho motho, ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka bitsang Jesu anathema, mme ha ho e mong ya ka bitsang Jesu Morena, haese ka Moya o Halalelang.


Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong wa lona a bee kathoko ha hae seo a ka se bokellang, a lekanye ka seo a sitsitsweng ka sona, ho se ke ha lebellwa ho tla ha ka ho etsa dikabelo.


La nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya dutseng hodima sebata se mmala wa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefodi, se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome.


Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos