ke tla ba bea balebedi ba dintho tseo ke di beileng ka tlung, ho sebetsa mosebetsi wohle wa ntlo le tsohle tse tshwanetseng ho etswa ho yona.
Numere 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang. BIBELE “Ba tla o thusa ho sebeletsa, ba hlokomele Tente ya Morena, tshebeletsong yohle ya yona. Ho se be e mong osele ya ka atamelang ho lona. |
ke tla ba bea balebedi ba dintho tseo ke di beileng ka tlung, ho sebetsa mosebetsi wohle wa ntlo le tsohle tse tshwanetseng ho etswa ho yona.
Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.
Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.
Ba tla boloka seo o tla ba laela sona, le tsa tente yohle; empa ba se ke ba atamela mesebetsi ya sehalalelo, leha e le aletare, esere mohlomong ba timela, hammoho le lona.
Le boloke sehalalelo le aletare, hore ho se ke ha hlola ho eba bohale bo tukelang bana ba Iseraele.
O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.
Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.
A ka nna a thusa banababo tenteng ya pokano ho boloka tse tshwanetseng ho hlokomelwa, empa a se ke a tlangwa hore a sebetse. Tse beetsweng Balevi bakeng sa mosebetsi wa bona, o tla di phetha jwalo.
Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.