Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba tla boloka seo o tla ba laela sona, le tsa tente yohle; empa ba se ke ba atamela mesebetsi ya sehalalelo, leha e le aletare, esere mohlomong ba timela, hammoho le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba tla le hlokomela, ba hlokomele le Tente ya Morena yohle. Feela ba se ke ba atamela dijana tsa Sehalalelo, leha e le ho atamela aletare; e le hore ba se ke ba eshwa, le wena o se ke wa shwa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:3
12 Referencias Cruzadas  

Ba ke ke ba atamela pela ka ho sebetsa tsa boprista ba ka le ho atamela pela dintho tsa ka tse halalelang sehalaledisisong; empa ba tla jara molato wa sekgobo sa bona le manyala a bona ao ba a entseng;


Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,


Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.


Bara ba Merari ba ne ba beilwe ho boloka dipolanka tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le dilulwana tsa yona, le mesebetsi yohle ya yona;


Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos