Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 31:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele o tla nka motho a le mong hodima bathopuwa ba mashome a mahlano; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima diphoofolo tsohle tse mashome a mahlano, mme o di nee Balevi ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:30
21 Referencias Cruzadas  

Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.


Hape, ba kena le masakeng a mehlape, ba hapa manku a mangata le dikamele; ba ntoo kgutlela Jerusalema.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,


Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.


Lefohlong la bahlabani ba ileng ntweng, o nkele Jehova lekgetho; o nke e nngwe hodima tse makgolo a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwaneng.


Le tla di nka lefohlong la bona, mme o tla di nea moprista Eleasare ka mokgwa wa nyehelo e etsetswang Jehova.


Moshe le moprista Eleasare ba etsa tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.


A ka nna a thusa banababo tenteng ya pokano ho boloka tse tshwanetseng ho hlokomelwa, empa a se ke a tlangwa hore a sebetse. Tse beetsweng Balevi bakeng sa mosebetsi wa bona, o tla di phetha jwalo.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.


E reng ho Arkipe: Tadima tshebetso eo o e abetsweng ke Morena, o tle o e phethe.


Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos