Numere 1:53 - Sesotho 1909/1961 (SO)53 Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki. Ver CapítuloBIBELE53 Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.” Ver Capítulo |
ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.
Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.