Numere 1:53 - BIBELE53 Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)53 Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki. Ver Capítulo |
Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.
Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena.