Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:4 - BIBELE

4 “Ba tla o thusa ho sebeletsa, ba hlokomele Tente ya Morena, tshebeletsong yohle ya yona. Ho se be e mong osele ya ka atamelang ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:4
10 Referencias Cruzadas  

Empa ke tla ba etsa basebeletsi ba Tempele, ba etse mesebetsi yohle ya yona, ba etse le tsohle tse lokelang ho etswa ka ho yona.’ ”


Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.


Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”


Ba tla le hlokomela, ba hlokomele le Tente ya Morena yohle. Feela ba se ke ba atamela dijana tsa Sehalalelo, leha e le ho atamela aletare; e le hore ba se ke ba eshwa, le wena o se ke wa shwa.


Le tla hlokomela Sehalalelo, le hlokomele le aletare, hore kgalefo ya Morena e se hlole e wela bana ba Iseraele hodimo.


Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”


Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele o tla nka motho a le mong hodima bathopuwa ba mashome a mahlano; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima diphoofolo tsohle tse mashome a mahlano, mme o di nee Balevi ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.”


Feela ba ka nna ba thusana le bana babo bona ka Tenteng ya Morena ho hlokomela tse sebediswang, empa ha ba na ho sebeletsa. Balevi o tla ba etsa tjena, malebana le mosebetsi wa bona.”


Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos