Numere 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune; BIBELE morabeng wa Efraime e le Joshua, mora wa Nune; |
Joshua a utlwa mantswe a setjhaba ha se ntse se duduetsa; a re ho Moshe: Ho na le modumo wa ntwa diahelong.
Joshua, mora Nune, e neng e le mohlanka wa Moshe haesale botjheng ba hae, a bua, a re: Morenaka, Moshe, ba thibele!
Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.
Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.
Jehova a laela Joshua, mora Nune, a re ho yena: Iphe matla, o tiye pelo, hobane ke wena o tla kenya bana ba Iseraele lefatsheng leo ke ba anetseng hore ke tla ba fa lona, mme nna ke tla ba le wena.
Moshe a tla, mme a bolela mantswe wohle a sefela sena ditsebeng tsa setjhaba, a ena le Joshua, mora Nune.
Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Ba araba Joshua, ba re: Re tla etsa ka tsohle tseo o re laetseng tsona, re ye le hohle moo o ka re romelang teng.
Ka taelo ya Jehova, ba mo nea motse oo a o kopileng, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime; mme a haha motse, a dula teng.