Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:8 - BIBELE

8 morabeng wa Efraime e le Joshua, mora wa Nune;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune;

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:8
18 Referencias Cruzadas  

Eleshama a tswala Nune, Nune a tswala Joshua.


Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Ha Joshua a utlwa lerata la setjhaba ha se ntse se howeletsa, a re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntwa diahelong!”


Yaba ho bua Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, e leng e mong wa banna ba hae ba kgethilweng, o re: “Moshe, monga ka, ba thibele!”


Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua.


morabeng wa Isakare e le Jigale, mora wa Josefa;


morabeng wa Benjamine e le Paleti, mora wa Rafu;


Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.


Morena a laela Joshua, mora wa Nune, a re: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla fihlisa bana ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyeditseng yona. Ke tla ba le wena.”


Jwale Moshe, a ena le Joshua mora wa Nune, a tla, a phetela setjhaba mantswe wohle a sefela sena.


Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Ba araba Joshua, ba re: “Re tla etsa tsohle tseo o re laetseng tsona, mme hohle moo o tla re romela teng re tla ya.


Ho ya ka taelo ya Morena, ba mo nea motse oo a o kopileng, e leng Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime. A tsosa motse oo, mme a aha teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos