13 Moshe a tloha a ena le Joshua ya mo sebeletsang; Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.
13 Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.
le Nune, mora hae, le Joshua, mora hae.
Jethro, mohwehadi wa Moshe, a tla le bara ba Moshe le mosadi wa hae ho yena lefeelleng, moo a neng a emisitse teng thabeng ya Modimo.
Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re:
Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.
Joshua a utlwa mantswe a setjhaba ha se ntse se duduetsa; a re ho Moshe: Ho na le modumo wa ntwa diahelong.
Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.
Jehova o ne a itse ho Aarone: Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lefeelleng. O na be a ile, a mo fumana thabeng ya Modimo, a mo aka.
Joshua, mora Nune, e neng e le mohlanka wa Moshe haesale botjheng ba hae, a bua, a re: Morenaka, Moshe, ba thibele!
Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re: