Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A re ho baholo: Le re emeleng mona, re be re kgutlele ho lona. Le ka bona, Aarone le Hure ke bana, ba tla ba le lona; mang le mang ya nang le taba, a tle ho bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:14
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o re ho bahlanka ba hae: Salang mona le esele, mme nna le mohlankana re tla ya mane, re rapele, re ntoo kgutlela ho lona.


Yaba Joshua o etsa kamoo Moshe a mmoleletseng kateng, a lwana le Amaleke. Moshe le Aarone le Hure ba nyolohela qhoweng ya thaba.


Empa matsoho a Moshe a kgathala; yaba ba nka lejwe, ba le bea katlasa hae, a dula hodima lona, mme Aarone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka ho le leng, e mong ka ho le leng; matsoho a hae a tiya jwalo ho fihlela letsatsi ha le dikela.


Mohla ba nang le nyewe, ba ye ba tle ho nna, mme ke ye ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise ditaelo tsa Modimo le melao ya wona.


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


O tla nketella pele ho ya Gilgale, hobane ke tla theohela ho wena teng, ke tle ke hlabe mahlabelo a ditjheso le a diteboho. O ke o ntebelle tshiu tse supileng, ke be ke fihle ho wena, ke o tsebise seo o tla se etsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos