Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:14 - BIBELE

14 O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A re ho baholo: Le re emeleng mona, re be re kgutlele ho lona. Le ka bona, Aarone le Hure ke bana, ba tla ba le lona; mang le mang ya nang le taba, a tle ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:14
8 Referencias Cruzadas  

Aborahama a re ho bahlanka ba hae: “Lona salang mona le tonki. Nna le moshanyana re tla ya mose mane, re yo kgumamela Modimo, ebe re kgutlela ho lona hape.”


Joshua a etsa jwalokaha Moshe a mo laetse, a ya lwantsha Baamaleke; Moshe, le Arone, le Hure ba hlwella hodima tlhoro ya leralla.


Jwale matsoho a Moshe a kgathala. Ba nka lejwe, ba le bea katlasa Moshe, mme a dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane; jwale matsoho a hae a tiya ho fihlela letsatsi le dikela.


Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.”


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


“O tla theohela Gilegale o nketeletse pele; le nna ke tla theohela ho wena, ho tla etsa dinyehelo tsa setjheso, le ho etsa mahlabelo a dinyehelo tsa teboho. O tla nkemela ka matsatsi a supileng, ho fihlela ke fihla ho wena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos